2 Samuele 1:12-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ba hlomoha, ba lla, ba itima le dijo, ya ba ya eba mantsiboya, ka baka la Saule, le mora hae Jonathane, le setjhaba sa Jehova, le ntlo ya Iseraele, hobane ba dihilwe ka lerumo.

13. Davida a ntoo re ho mohlankana ya mmehetseng: O tswa kae? Yena a re: Ke mora moditjhaba, wa Moamaleke.

14. Davida a re ho yena: Ha o a ka wa tshaba keng ho isa letsoho la hao ho timetsa motlotsuwa wa Jehova?

2 Samuele 1