2 Marena 8:26-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Akasia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa; a busa selemo se le seng Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Athalia, moradi wa Omri, morena wa Iseraele.

27. A ya ka mehlala ya ba ntlo ya Akabe, a etsa tse leng mpe mahlong a Jehova, jwaloka ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyallane le ba ntlo ya Akabe.

28. Mohlomong, ba ya Ramothe-Gileade le Jorame, mora Akabe, ho lwantsha Hasaele, morena wa Siria; empa Basiria ba hlaba Jorame.

29. Ebile morena Jorame o kgutlela Jisreele ho phekolwa maqeba ao Basiria ba mo hlabileng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria, mme Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele, ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.

2 Marena 8