16. Jehova, sekeha tsebe ya hao, o utlwe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone, o utlwe mantswe ao Sankeribe a romileng motho ho nyedisa Modimo o phelang ka wona.
17. Oho, Jehova, kannete marena a Assiria a timeditse ditjhaba le mafatshe a tsona;
18. a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.
19. Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.
20. Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke utlwile kamoo o ithapeletseng kateng ho nna bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria.
21. Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.
22. O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse eng mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele.
23. O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ka makoloi a ka a mangata, ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Libanone; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.