2 Marena 16:18-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Le mathule a kwahetsweng a Sabatha a hahilweng ka tlung, le monyako wa morena o kantle, a di fetola ka tlung ya Jehova, ka baka la morena wa Assiria.

19. Haele taba tse ding tseo Akase a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

20. Akase a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

2 Marena 16