13. Empa ha ho a ka ha etsetswa ntlo ya Jehova dipitsana tsa silefera, leha e le matlao, le mafiswana, le diterompeta, le dipitsa tsa kgauta, le dipitsa tsa silefera, ka tjhelete tse tliswang tlung ya Jehova.
14. Hobane ba ne ba di nea basebeletsi, ba tle ba lokise ntlo ya Jehova ka tsona.
15. Ba ne ba sa bale le banna bao ditjhelete tse bewang matsohong a bona, hore ba di nee ba sebetsang mosebetsi, kahobane ba ne ba etsa ka botshepehi.
16. Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.
17. Mohlomong Hasaele, morena wa Siria, a futuha, a tla lwantsha Gathe, a o nka. Hasaele a ntoo rera ho futuhela Jerusalema.