2 Marena 11:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Moprista a tlisa mora wa morena, a mo rwesa moqhaka le bopaki; ba mmea morena, ba mo tlotsa; mme ba opa ka diatla, ba re: Ha ho phlele morena!

13. Athalia ha a utlwa ditlatse tsa dititimi le tsa setjhaba, a kena hara setjhaba ka tlung ya Jehova.

14. A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!

15. Ebile moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng liemeng; ya mo latelang, le mmolaye ka lerumo. Hobane moprista o ne a itse: A se ke a bolaelwa tlung ya Jehova.

16. Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena ka tsela ya dipere, mme a bolaelwa teng.

17. Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.

18. Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.

2 Marena 11