2 Dikronike 34:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a tsamaya ka mehlala ya Davida ntatae, mme ha a ka a e kgeloha ho ya leha e le ka ho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.

3. Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.

4. Ha qhaqhwa pela hae dialetare tsa boBaale; a heletsa ditshiya tsa letsatsi tse neng di beilwe hodima tsona; a robaka diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng; a di sila phofo, mme a e tshollela mabitleng a ba neng ba di hlabetse mahlabelo.

5. Hape, a tjhesetsa masapo a baprista dialetareng tsa bona; a hlwekisa Juda le Jerusalema jwalo.

6. Le metseng ya Manasse, le ya Efraime, le ya Simeone, le ho ya fihla ho ya Nefthali, esita le dithakong tsa yona, le ka mathoko wohle,

7. a qhaqha dialetare, a pshatla diashera le ditshwantsho tse betlilweng, mme a di etsa phofo; hape, a heletsa ditshiya tsohle tsa letsatsi lefatsheng lohle la Iseraele; a ntoo kgutlela Jerusalema.

8. Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha hae, ha a se a hlwekisitse lefatshe le ntlo ya Jehova, a roma Shafane, mora Atsaila, le Maaseia, mmusi wa motse, le Jowa, mora Joakase mongodi, hore ba ye ho tsosa ntlo ya Jehova, Modimo wa hae.

9. Ba fihla ho Hilkia, moprista e moholo, ba newa ditjhelete tse neng di tlisitswe tlung ya Modimo, tseo Balevi, balebedi ba monyako, ba neng ba di amohetse ho Manasse le Efraime, le ho Baiseraele bohle ba bang, le ho Bajuda bohle le ho Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.

10. Tsa bewa matsohong a beng ba mosebetsi, ba lebelang mosebetsi wa ntlo ya Jehova; beng ba mosebetsi ba di nea ba sebetsang tlung ya Jehova ho tsosa le ho lokisa ntlo.

11. Ba di nea le dibetli tsa difate le dihahi, hore di reke majwe a betlilweng, le difate tse tla kopanngwa, le ho etsa difate tsa ho fera matlo a heleditsweng ke marena a Juda.

12. Batho bao ba nna ba sebetsa mosebetsi oo ka botshepehi. Balebedi ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, Balevi, ho bara ba Merari, le Sakaria le Meshullame, ho bara ba Bakehathe; Balevi bohle, ba neng ba tseba ho letsa diletsa,

13. ba ne ba lebela ba tlisang dintho, ba tsamaisa bohle ba sebetsang mosebetsi wa mofuta ofe le ofe; hape, hara Balevi ho ne ho na le bangodi, le bahlahlobi, le balebedi ba menyako.

2 Dikronike 34