2 Dikronike 25:25-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Eitse hobane Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, a shwe, Amatsia, mora Joase morena wa Juda, a boela a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano.

26. Ditaba tse ding tsa Amatsia, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele?

27. Ho qala nakong eo Amatsia a neng a lesitse ho latela Jehova, batho ba mo fetohela Jerusalema; a balehela Lakishe, ba mpa ba mo phallela Lakishe, ba mmolaela teng.

28. Ba mo bofa hodima dipere, mme ba mo pata ho bontatae motseng wa Juda.

2 Dikronike 25