2 Dikronike 18:28-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Yaba morena wa Iseraele o futuhela Ramothe-Gileade, a ena le Josafate, morena wa Juda.

29. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Morena wa Iseraele a ikgakanya, mme ba kena ntweng.

30. Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi ao a nang le wona, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, kapa e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

2 Dikronike 18