2 Dikronike 12:14-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. A mpa a nna a etsa ho leng hobe, a se ke a sekamisetsa pelo ya hae ho batla Jehova.

15. Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.

16. Roboame a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Abija, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

2 Dikronike 12