3. Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.
4. Ke hona re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la sebete sa lona le la tumelo ya lona dihlorisong le matshwenyehong ao le a mamellang;
5. ao e leng pontsho ya kahlolo e lokileng ya Modimo, le tle le etswe ba lokelang mmuso wa Modimo, oo le utlwiswang bohloko ka baka la wona.