2 Bakorinthe 6:15-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ya dumetseng o na le kabelo efe le ya sa dumelang?

16. Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.

17. Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,

18. mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.

2 Bakorinthe 6