14. Se sikareng joko e le nngwe le ba sa dumelang; hobane kopano ke efe ya ho loka le bokgopo? Kapa lesedi le na le kopano efe le lefifi?
15. Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ya dumetseng o na le kabelo efe le ya sa dumelang?
16. Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.
17. Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,