7. Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.
8. Ke le rapela ke hona, ke re, le ke le mmontshe lerato la lona;
9. etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.
10. Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;
11. re tle re se ke ra tlatlapuwa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ya hae.