1. Mme ke itaile hore nke ke ka boela ho lona ka maswabi.
2. Hobane ha nka le swabisa, ke tla thabiswa ke mang, haese ke eo ke mo swabisitseng?
3. Leha ke ne ke le ngolle jwalo, e ne e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka swabiswa ke bao ke tshwanetseng ho thabiswa ke bona; kamoo ke ntseng ke le tshepile kaofela kateng, hobane thabo ya ka ke ya lona bohle.
4. Hobane nkile ka le ngolla ke hlomohile haholo, ka pelo e tsietsweng le ka meokgo e mengata; mme e ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe lerato le tlodisang leo ke le ratang ka lona.