2 Bakorinthe 13:11-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.

12. Dumedisanang ka kako e halalelang. Bahalaledi bohle ba le dumedisa.

13. Mohau wa Morena Jesu Kreste o be le lona bohle, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang. Amen!

2 Bakorinthe 13