1 Timothea 5:17-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.

18. Hobane Lengolo le re: O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola. Hape le re: Ya sebetsang o tshwanelwa ke moputso wa hae.

19. O se ke wa amohela qoso e qosang moholo wa kereke, haese ka polelo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.

20. Ba etsang dibe, o ba kgalemele pela bohle, ba bang ba tle ba be le tshabo.

21. Ke o laela pela Modimo le Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore taba tseo o di ele hloko, mme o se ke wa phaka wa ahlola, leha e le ho ya ka tshobotsi.

22. O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.

23. O se ke wa hlola o enwa metsi feela, empa o no nwa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la dipabo tsa hao tse ngata.

1 Timothea 5