20. Davida a hapa le manku wohle, le makgomo, ba a kganna, ba a bea pele ho mehlape e meng, ba re: Ke yona kgapo ya Davida.
21. Davida ha a kgutlela ho banna bao ba makgolo a mabedi ba sitilweng ke mokgathala ho sala Davida morao, e leng ba setseng molapong wa Besore, ba tswela ho kgahlanyetsa Davida le ho kgahlanyetsa setjhaba seo a nang le sona; mme Davida ha a ba atamela, a ba dumedisa.
22. Empa batho ba babe le ba Beliale bohle ba tsamayang le Davida ba bua, ba re: Ka baka la hobane bao ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa seo re se hlakodisitseng sa rona, haese hore feela e mong le e mong a nke mosadi wa hae le bana ba hae, ba ye le bona, ba itsamaele.
23. Davida a mpa a re: Banabeso le se ke la etsa jwalo ka seo Jehova a re fileng sona, e le yena ya re bolokileng, ya neetseng matsohong a rona letshwele lela le neng le re futuhetse.