1 Samuele 29:6-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ebile Akishe o bitsa Davida, a re ho yena: Ka Jehova ya utlwang, o bile motho ya lokileng; ke rata ha ke o bona o kena le ho tswa le nna diahelong, hobane ha ke eso ho fihlele molato ho wena, haesale o etla ho nna, ho fihlela la kajeno; empa marena ha a o rate.

7. Ha ho le jwalo, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa halefisa marena a Bafilesta.

8. Davida a re ho Akishe: Ke entseng, mme o fumaneng ho mohlanka wa hao, haesale ke le pela hao, ho fihlela la kajeno, ha ke sa lokele ho ya lwantsha dira tsa morena, monga ka na?

9. Akishe a fetola, a re ho Davida: Ke a tseba hobane o rateha ho nna jwaloka lengeloi la Modimo; leha ho le jwalo, marena a Bafilesta a boletse bakeng sa hao, ba itse, o se ke wa ya le rona ntweng.

10. Jwale, o ke o tsohele hosasa le bona bahlanka ba monga hao ba tsamayang le wena, mme ha le tsohetse hosasa, ha bo esa, le tsamaye.

1 Samuele 29