1 Samuele 25:29-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.

30. Etlare hobane Jehova a etsetse monghadi tsohle tse ntle tseo a di buileng bakeng sa hao, a o beile morena wa Iseraele,

31. ha ke re, taba eo ya ho ya tsholla madi, ho se molato, le ho iphetetsa, e tla ba kgopiso ho wena le ntho e hlabang pelo ya monghadi na? Etlere hobane Jehova a o etsetse hantle, monghadi, o tle o hopole lekgabunyane la hao.

32. Ebile Davida o re ho Abigaile: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o romileng kajeno lena ho tla nkgahlanyetsa!

33. Ho bokwe le kelello ya hao, ho bokwe le wena, hobane o nthibetse kajeno, hore ke se ye ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la ka.

34. Efela, ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o etsa hampe, hojane o sa ka wa phakisa, wa tla nkgahlanyetsa, Nabale o ba a sa tlo tlolelwa ke monna le a mong ha bo esa.

35. Davida a amohela matsohong a Abigaile seo a mo tliseditseng sona, a re ho yena: Eya hae ka kgotso; bona, ke utlwile lentswe la hao, mme ke o hauhetse.

36. Ebile Abigaile o ya ho Nabale, a mo fihlela a etsa seboka hae, se kang seboka sa morena, pelo ya Nabale e le tshweu ka ho yena, a tahilwe haholo; ka baka leo, a se ke a mo tsebisa taba leha e le e nyenyane leha e le e kgolo, ho fihlela hosasane.

37. Hosasa, Nabale ha a hlaphohetswe ke veine, mosadi wa hae a mo phetela ditaba tseo. Ebile pelo ya hae e shwa kahare ho yena, a fetoha ntho e kang lejwe.

38. Eitse hobane ho fete tshiu tse leshome, Jehova o otla Nabale, a shwa.

39. Davida, ha a utlwa hoba Nabale o shwele, a re: Ho bokwe Jehova ya mpheteleditseng ho Nabale, bakeng sa ho nyatsuwa ha ka, ya thibetseng mohlanka wa hae, hore a se ke a etsa hampe. Efela Jehova o buseditse bobe ba Nabale hloohong ya hae.Davida a ntoo romela ho bua le Abigaile, hore o tla mo nka, e be mosadi wa hae.

1 Samuele 25