3. Empa banna ba Davida ba re ho yena: Bona, haele moo re tshaba re sa le kwano, Juda, re tla tshaba hakakang, ha re ka ya Keila ho makgotla a Bafilesta?
4. Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.
5. Jwale, Davida le banna ba hae ba ya Keila, ba lwana le Bafilesta, ba hapa kgomo tsa bona, mme ba ba bolaya ka polao e kgolo. Davida a namolela ba ahileng Keila jwalo.
6. Mohla Abiathare, mora Akimeleke, a balehelang ho Davida, o ne a tlile Keila, a ena le efoda.
7. Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.
8. Saule a mema setjhaba kaofela ho futuha, le ho theohela Keila, le ho thibella Davida le banna ba hae.
9. Davida ha a utlwa hobane Saule o mo otsitse, a re ho moprista Abiathare: Tlisa efoda kwano.
10. Davida a re: Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile kannete hobane Saule o batla ho tla Keila, le ho fedisa motse ka baka la ka.
11. Hleka beng ba Keila ba tla nneela matsohong a hae na? Na le Saule o tla theohela kwano, jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile na? Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, o ke o tsebise mohlanka wa hao hle. Jehova a re: O tla tla.
12. Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela.
13. Jwale, Davida a tloha, a ena le banna ba hae, e batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng, ba tswa Keila, ba ya moo ba yang. Saule a tsebiswa hobane Davida o balehile Keila; a lesa ke hona ho ya pele.
14. Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.
15. Leha Davida a bone hobane Saule o tswetse ho mmatla, Davida a dula feelleng la Sife, morung.
16. Yaba Jonathane, mora Saule, o tloha, a tla ho Davida morung, a tiisa letsoho la hae ho Modimo;
17. a re ho yena: Se tshabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la o fihlela; hape o tla ba morena wa Iseraele, nna ke be ya o hlahlamang; le ntate Saule o a tseba hobane ho tla ba jwalo.
18. Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.
19. Jwale ba Sife ba tla ho Saule, Gibea, ba re: Ha re re, Davida o ipata haeso diqhobong, morung, leralleng la Hakila, ka nqa borwa ho lefeella na?
20. Jwale, morena, tloo kamoo o hopotseng kateng, e be rona re mo neelang matsohong a morena.
21. Saule a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, hobane le nkutlwetse bohloko.