31. Bona, ditshiu di a tla, tseo ke tla poma letsoho la hao le letsoho la ntlo ya ntatao, ho tle ho se ke ha eba monna wa leqheku tlung ya hao.
32. Mme o tla bona sera tlung ya ka, ha bana ba Iseraele ba ntse ba newa ke Modimo melemo yohle, mme ha ho ka ke ha eba monna wa leqheku tlung ya hao, le ka ho sa feleng.
33. Monna wa ba heno eo ke sa mo kgaolang aletareng ya ka, o tla salla ho llisa mahlo a hao, le ho hlomola pelo ya hao, mme bohle ba hlahang tlung ya hao, ba tla timela botjheng ba bona.