12. Haele bara ba Eli, e ne e le bara ba Beliale; ba ne ba sa re letho ka Jehova.
13. Mokgwa wa baprista bao ho setjhaba e be e le hore, motho ha a hlaba sehlabelo, mohlankana wa moprista o ne a ya tle, ha nama e ntse e apehilwe, a tshwere fereko e meno a mararo.
14. O ne a hlaba paneng, kapa pitseng, kapa pitsaneng, kapa morifing, mme hohle ho neng ho ntshwa ke fereko, moprista o ne a inkela hona. Ba ne ba etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba tlang Silo.
15. Hape, mohlankana wa moprista o ne a etla, ba eso ho tjhese mafura, a re ho motho ya hlabileng: Ntsha nama ya ho besetswa moprista, hobane a ke ke a amohela ho wena nama e apehilweng, haese e tala feela.
16. Ha e mong a ba a ka re ho yena: Mafura a ke a tjheswe pele, o ntoo inkela kamoo pelo ya hao e ratang kateng, eo o ne a re: Tjhe, o nnee jwale: ha ho se jwalo, ke tla nka ka matla.
17. Ka baka leo, sebe sa bahlankana bao se ne se le seholo haholo pela Jehova, hobane le batho ba ne ba se ba nyedisa tse beelwang Jehova.
18. Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.
19. Hape, mmae o ne a mo etsetsa seaparonyana ka dilemo tsohle, a mo tlisetse sona mohla ba tlang le monna wa hae ho hlaba sehlabelo sa selemo se seng le se seng.
20. Jwale, Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosadi wa hae, a re: Jehova a o tsosetse bana ka mosadi enwa bakeng sa ngwana eo a kileng a mo abela Jehova. Ba ntoo kgutlela habo.
21. Ka baka lena, Jehova a etela Anna; mme Anna a emola, a tswala bashemane ba bararo le basetsana ba babedi; haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a hola pela Jehova.
22. Eli yena o ne a se a hodile haholo; o ne a ntse a utlwa tsohle tse etswang ke bara ba hae ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba robala le basadi kateng, ba phuthehang pela monyako wa tente ya pokano.