1 Samuele 18:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Basadi bao ha ba letsa, ba dumelana, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile mashome a dikete tsa hae.

8. Saule a hlonama haholo ke hona, mme ntswe leo la mo kgobohetsa, a re: Ba neile Davida mashome a dikete, mme nna ba nneile dikete feela; jwale, ha a sa hloka letho, haese mmuso feela.

9. Saule a honohela Davida ke hona, haesale mohlang oo, ho ya ho ile.

10. Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.

11. Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.

12. Yaba Saule o tshaba Davida ha a bona hobane Jehova o ho yena, athe yena o mo furaletse.

13. Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.

14. Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.

15. Ka baka leo, Saule, ha a bona hobane Davida o etsa ka masene a maholo, a eketsa ho mo tshaba.

16. Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.

17. Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.

1 Samuele 18