1 Petrose 2:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, le ke le lahle lonya lohle, le thetso yohle, le boiketsiso, le mohono, le diketselletso tshohle;

2. mme le lapele haholo, jwaloka bana ba tswang ho tswalwa, lebese la moya, le sa tswakwang, le tle le holele poloko ke lona;

3. ha le fela le setse le latswitse molemo wa Morena.

4. Le tle ho yena, e leng lejwe le phelang, le neng le lahlilwe ke batho, athe ho Modimo ke le kgethilweng, la bohlokwa;

5. le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.

6. Hobane ho itswe Lengolong: Bonang, ke bea Sione lejwe la ntlha, le kgethilweng, la bohlokwa; mme ya dumelang ho lona a ke ke a swaba.

7. Efela e le la bohlokwa ho lona ba dumetseng; empa, haele ho ba sa dumelang, lejwe le lahlilweng ke bahahi le fetohile ntlha ya motheo, le lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang.

8. Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.

1 Petrose 2