14. Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.
15. Yaba o fihla ho morena; morena a re ho yena: Mikea, ana re tla ya lwantsha Ramothe-Gileade, kapa re lese na? Yena a re: Nyoloha, o atlehe; Jehova o tla o neela matsohong a morena.
16. Morena a re ho yena: Ke tla o antsha hakae, hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?
17. Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.
18. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella, ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela na?
19. Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.
20. Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.
21. Jwale, ho tlile moya o mong, wa ema pela Jehova, wa re: Ke nna ke tla mo thetsa.
22. Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.
23. Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bana bohle ba hao; athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.
24. Tsedekia, mora Kenaana, a atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o no o ye ka tsela efe, mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?