1 Marena 21:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Banna ba motse, e leng baholo le mahosana a ahileng motseng wa Nabothe, ba etsa kamoo Jesebele a rometseng ho bona kateng, le kamoo ho ngodilweng mangolong kateng ao ba a rometsweng.

12. Ba bolela letsatsi la ho itima dijo, ba bea Nabothe kapele ho setjhaba.

13. Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.

14. Jwale, ba romela ho Jesebele, ba re: Nabothe o tlepeditswe, o shwele.

15. Jesebele, ha a utlwa hobane Nabothe o tlepeditswe, mme o shwele, a re ho Akabe: Tloha, o nke tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele, eo a hanneng ho o nea yona bakeng sa tjhelete; hobane Nabothe ha a sa le yo, o shwele.

16. Akabe, ha a utlwa hobane Nabothe o shwele, a tloha, a theohela tshimong ya merara ya Nabothe wa Jisreele, a e nka.

17. Yaba lentswe la Jehova le tla ho Elia wa Thishba, la re:

18. Raoha o ye ho kgahlana le Akabe, morena wa Iseraele, Samaria; ke eo tshimong ya merara ya Nabothe: O theohetse teng ho e nka.

19. Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.

20. Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.

21. Bona, ke tla o hlahisetsa bomadimabe, ke o hlakole, ke timetse le ba Akabe ba batona, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng.

1 Marena 21