1 Marena 17:3-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Tloha mona, o ye nqa botjhabatsatsi, o ipate molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.

4. O tla nwa molatswaneng; ke se ke laetse makgwaba hore a nne a o fepe teng.

5. A tloha, a etsa ka taelo ya Jehova, a ya dula molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.

6. Makgwaba a nna a mo tlisetsa bohobe le nama hosasa, bohobe le nama mantsiboya; o ne a enwa metsi a molatswana.

1 Marena 17