24. Eo a tloha, a kgahlana le tau tseleng, ya mmolaya; setopo sa hae sa namalla tseleng, esele e eme pela sona; le yona tau ya ema pela setopo.
25. Baeti ba fetang ba bona setopo se namaletse tseleng, le tau e eme pela setopo; ba ya, ba beha motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona.
26. Moporofeta ya neng a mo kgutlisitse tseleng, ha a utlwa, a re: Ke monna wa Modimo ya ikgantsheditseng molomo wa Jehova; Jehova o mo neetse tau; e mo harotse, e mmolaile ka lentswe le boletsweng ke Jehova.
27. A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo. Ba mo qhanehela.
28. A ya, a fumana setopo se namaletse tseleng, esele le tau di eme pela setopo; tau e ne e sa ka ya eja setopo; e ne e sa ka ya robokela le esele.
29. Moporofeta a emisa setopo sa monna wa Modimo, a se bofa hodima esele, a ya le sona; mme moporofeta eo wa leqheku a fihla hae, a mo llela le ho mo pata.
30. A pata setopo lebitleng la hae; mme ba mo llela, ba re: Jo! ngwaneso!