1 Marena 13:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ntata bona a re ho bona: O ile ka tsela efe? Jwale bara ba hae ba ne ba bone tsela eo monna wa Modimo, ya tswang Juda, a ileng ka yona.

13. A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo! Ba mo qhanehela esele, a e kalla.

14. A latela monna wa Modimo, a mo fihlela a dutse tlasa sefate sa terebinthe. A re ho yena: Na ke wena monna wa Modimo, ya tswang Juda na? A re: E, ke nna.

15. A eketsa a re ho yena: Tloo le nna hae, o je bohobe.

16. Eo a re: Ke sitwa ho kgutla le wena, le ho fapohela ha hao, le ho ja bohobe, le ho nwa metsi le wena bakeng sena;

17. hobane ke boleletswe ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi teng; hape, leha o kgutla, o se ke wa boela ka tsela eo o ileng ka yona.

18. Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.

19. Ebile moo a kgutlang le yena, a ja bohobe, a nwa metsi.

20. Ba re ba sa dutse tafoleng, lentswe la Jehova la tlela moporofeta ya mo kgutlisitseng.

1 Marena 13