1 Marena 10:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Morena Salomone yena a nea mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a di lakaditseng, le tseo a di kopileng, ho sa balwe tseo morena Salomone a mo fileng tsona, kamoo a ratileng ho mo fa kateng ka phano ya borena. Yaba o tloha, a kgutlela naheng ya hae le bahlanka ba hae.

14. Haele boima ba kgauta e neng e tlisetswa Salomone ka lemo se seng le se seng, e ne e le ditalenta tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng,

15. ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, le e bapatswang ke barekisi, le e tswang ho marena wohle a Arabia le ho babusisi ba naha ya hae.

16. Morena Salomone a etsa mekoko e makgolo a mabedi ya kgauta e teilweng; mokoko o mong le o mong wa etswa ka dishekele tse makgolo a tsheletseng tsa kgauta.

17. A etsa le dithebe tse makgolo a mararo tsa kgauta e teilweng; thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e boima ba pondo tse tharo, mme morena a di bea tlung ya Moru wa Lebanone.

18. Morena a etsa terone e kgolo ya naka tsa ditlou, a e maneha ka kgauta e hlwekileng.

19. Terone eo e ne e na le methatinyana e tsheletseng, hlooho ya boitshetleho ba terone e ne e le tjhitja; matsoho a ne a le mabedi, a le ka nqa tse pedi ho setulo, le ditau tse pedi di ne di eme pela matsoho.

20. Hape, ditau tse leshome le metso e mmedi di ne di eme ka nqa tse pedi ho methatinyana e tsheletseng. Ha ho a ka ha etswa e jwalo mebusong yohle e meng.

21. Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; ho ne ho se pitsa ya silefera: ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.

22. Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.

23. Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe ka leruo le ka bohlale.

1 Marena 10