1. Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.
2. A fihla Jerusalema ka letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa; a fihla ho Salomone, a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.
3. Salomone a mo arabela dipotso tsohle tsa hae ho se ke ha eba taba le e nngwe e hlolang morena, eo a sa kang a mo hlalosetsa yona.
4. Eitse mofumahadi wa Sheba ha a bona bohlale bohle ba Salomone, le ntlo eo a e hahileng,
5. le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa matona a hae, le diaparo tsa wona, le baqhatsetsi ba hae, le methathinyana eo a nyolohelang tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,
6. a re ho morena: Seo ke neng ke se utlwile naheng ya ka sa taba tsa hao le bohlale ba hao, e ne e le nnete.
7. Empa ha ke a ka ka dumela, ho fihlela ke ba ke etla, ke bona ka mahlo a ka; bona, ha ke a ka ka bolellwa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao di fetisa botumo boo ke bo utlwileng.
8. Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!