9. le banababo, melokong ya bona, e le batho ba makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mahlano a metso e tsheletseng. Banna bao kaofela e ne e le dihlooho tsa matlo a bontata bona, matlung a bontata bona.
10. Ho baprista, ke Jedaeia, Jehojaribe, Jakine,
11. le Asaria, mora Hilkia, mora Meshullame, mora Tsadoke, mora Merajothe, mora Akitube, modisa wa ntlo ya Modimo;
12. le Adaia, mora Jerohame, mora Pashkure, mora Malkija, le Maesai, mora Adiele, mora Jahsera, mora Meshullame, mora Meshillemithe, mora Immere;
13. le banababo bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba sekete se nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; e ne e le banna ba matla mosebetsing wa tshebetso ya ntlo ya Modimo.
14. Ho Balevi, ke Shemaia, mora Hashube, mora Asrikame, mora Hashabia, wa bara ba Merari;
15. le Bakbakkare, Hereshe, Galale, le Matthania, mora Mikea, mora Sikri, mora Asafe;
16. le Obadia, mora Shemaia, mora Galale, mora Jeduthune, le Berekia, mora Asa, mora Elkana, ya neng a ahile metseng ya Banethofathe.
17. Balebedi ba menyako ke Shallume, Akkube, Thalmone, Akimane, le banababo bona; Shallume e ne e le hlooho ya bona;
18. ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.
19. Shallume, mora Kore, mora Ebiasafe, mora Kore, a ena le banababo ba ntlo ya ntatae, e leng Bakore, ba ne ba tshwere mosebetsi wa ho lebela menyako ya tabernakele; haele bontata bona, ba neng ba disa diahelo tsa Jehova, e ne e le balebedi ba monyako wa tsona.
20. Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.
21. Sakaria, yena, mora Meshelemia, e ne e le molebedi wa monyako wa tente ya pokano.
22. Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.
23. Kahoo, bona le bana ba bona ba ne ba lebela menyako ya ntlo ya Jehova, e leng ntlo ya tabernakele, ka dihlopha tsa bona.