19. Shallume, mora Kore, mora Ebiasafe, mora Kore, a ena le banababo ba ntlo ya ntatae, e leng Bakore, ba ne ba tshwere mosebetsi wa ho lebela menyako ya tabernakele; haele bontata bona, ba neng ba disa diahelo tsa Jehova, e ne e le balebedi ba monyako wa tsona.
20. Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.
21. Sakaria, yena, mora Meshelemia, e ne e le molebedi wa monyako wa tente ya pokano.
22. Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.
23. Kahoo, bona le bana ba bona ba ne ba lebela menyako ya ntlo ya Jehova, e leng ntlo ya tabernakele, ka dihlopha tsa bona.
24. Balebedi ba ne ba le ka nqa tse nne, ka nqa botjhabela, le ka nqa bophirimela, le ka nqa leboya, le ka nqa borwa.
25. Banababo bona ba neng ba le metsaneng ya bona, ba ne ba tshwanetse ho tla ho bona kamora tshiu tse supileng, ho ya ka dinako tse beilweng.
26. Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.
27. Ba ne ba hlola bosiu pela ntlo ya Modimo, hobane ba ne ba beilwe ho lebela, mme ba ne ba na le kabelo ya ho e bula ka hosasa ho hong le ho hong.
28. Ba bang ba ne ba neilwe kabelo ya ho baballa mesebetsi e sebeletsang; ba ne ba e bala ha ba e ntsha, ba ne ba e bala ha ba e busa.
29. Ba bang ba ne ba kgethetswe ho baballa mesebetsi le diphahlo tsohle tsa sehalalelo, le lefi la phofo, le veine, le ole, le dibano, le dinoko.
30. Dibano tse tswakilweng di ne di etswa ke bara ba baprista.
31. Matthithia, wa Balevi, letsibolo la Shallume wa Bakore, o ne a beilwe ho baballa mosebetsi wa maqebekwane a phehwang paneng.
32. Banababo bona ba bang, ho Bakehathe, ba ne ba baballa mahobe a pontsha, ba a lokisa ka Sabatha e nngwe le e nngwe.
33. Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.
34. Bao e ne e le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi melokong ya bona, e ne e le dihlooho; bona ba ne ba ahile Jerusalema.
35. Gibeone, ho ne ho ahile Jeiele ntata Gibeone; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.