1 Dikronike 9:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.

2. Haele ba kileng ba aha ha bona pele, metseng ya bona, e ne e le Baiseraele, le baprista, le Balevi le Banethinime.

3. Jerusalema, ha aha ba bang ba bara ba Juda, le ba bara ba Benjamine, le ba bara ba Efraime le Manasse,

4. e leng Uthai, mora Ammihude, mora Omri, mora Imri, mora Bani, wa bara ba Peretse, mora Juda.

1 Dikronike 9