1 Dikronike 7:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba Issaskare ke Thola, Pua, Jashube, le Shimrone; ba bane.

2. Bara ba Thola ke Ussi, Refaia, Jeriele, Jahmai, Jibsame, le Samuele; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, ke ba ha Thola; e ne e le banna ba bahale melokong ya bona. Mehleng ya Davida, ba ntlo eo e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a tsheletseng.

3. Mora wa Ussi ke Jisraia; bara ba Jisraia ke Mikaele, Obadia, Joele, le Jishia; ba bahlano; kaofela ha bona e ne e le mahosana.

4. Melokong ya bona, ha ho uwa ka matlo a bontata bona, ba ne ba ena le dihlopha tsa bahlabani ba lwanang, ba etsang batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng; ba ne ba na le basadi le bana ba bangata.

5. Bao e leng banababo bona melokong yohle ya Issaskare, e ne e le banna ba bahale, bao palo ya bona masikeng wohle a bona e neng e le dikete tse mashome a robileng meno e le mmedi a metso e supileng.

6. Bara ba Benjamine ke Bela, Bekere, le Jediaele; ba bararo.

7. Bara ba Bela ke Etsbone, Ussi, Usiele, Jerimothe, le Iri; ba bahlano; e ne e le dihlooho matlung a bontata bona, banna ba bahale; masikeng a bona ha ba balwa, e ne e le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le mashome a mararo a metso e mene.

8. Bara ba Bekere ke Semira, Joashe, Eliesere, Eleoenai, Omri, Jerimothe, Abija, Anathothe, le Alamethe. Bao kaofela ke bara ba Bekere.

1 Dikronike 7