1. Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.
2. Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone, le Usiele. Bana ba Amrame ke Aarone, Moshe, le Miriame.
3. Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.
4. Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,
5. Abishua a tswala Bukki, Bukki a tswala Ussi,
6. Ussi a tswala Serahia, Serahia a tswala Merajothe,
7. Merajothe a tswala Amaria, Amaria a tswala Akitube,
8. Akitube a tswala Tsadoke, Tsadoke a tswala Akimaatse,
9. Akimaatse a tswala Asaria, Asaria a tswala Johanane,
10. Johanane a tswala Asaria, ya kileng a tshwara tshebetso ya boprista tempeleng e hahilweng Jerusalema ke Salomone;
11. Asaria a tswala Amaria, Amaria a tswala Akitube,
12. Akitube a tswala Tsadoke, Tsadoke a tswala Shallume,
13. Shallume a tswala Hilkia, Hilkia a tswala Asaria,
14. Asaria a tswala Seraia, Seraia a tswala Jehotsadake.
15. Ke eo Jehotsadake ya ileng kgolehong, mohla Jehova a tlosang Juda le ba Jerusalema ka letsoho la Nebukadnesare.
16. Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.
17. Mabitso a bara ba Gershome ke Libni le Shimei.