28. Ba ya haha Beerseba, Molada, Hatsare-Shuale,
29. Bilha, Etseme, Tholade,
30. Bethuele, Horma Tsiklage.
31. Bethe-Markabothe, Hatsare-Susime, Bethe-Birei, le Shaaraime. Ke yona metse ya bona ho ya fihla mehleng ya puso ya Davida.
32. Metse ya bona ke Ethame, Aine, Rimmone, Thokene, le Ashane: ke metse e mehlano;
33. hape ke metsana ya bona kaofela e neng e kopile metse eo, ho ya fihla Baale. Madulo a bona ke ao le lesika la bona ke leo.
34. Haele Meshobabe, Jamleke, Joshua mora Amatsia,
35. Joele, Jehu mora Joshibia, mora Seraia, mora Asiele,
36. le Elioenai, Jaakoba, Jeshohaia, Asaia, Adiele, Jesimiele, Benaia,
37. le Sisa mora Shifei, mora Allone, mora Jedaia, mora Shimri, mora Shemaia,
38. bao ha ba thonngwa ka mabitso a bona, e ne e le mahosana melokong ya bona; mme matlo a bontata bona a nna a ata haholo.
39. Ba ya fihla pela Gedore, ho ya fihla ka nqa ho le letshehadi ho kgohlo, hore ba batle makgulo a mehlape ya bona.
40. Ba fihlela makgulo a nonneng, a molemo, naha ya teng e le sephara e letse, e dutse ka kgotso; ke Bakama ba neng ba ahile teng mehleng ya boholoholo.