1. Bara ba Davida, bao a ba tswaletsweng a le Hebrone ke bana: Wa letsibolo ke Amnone wa Akinoame wa Jisreele; wa bobedi ke Daniele wa Abigaile wa Karmele;
2. wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure; wa bone ke Adonija, mora Haggithe;
3. wa bohlano ke Shefatia wa Abithale; wa botshelela ke Jithreame, ka Egla, mosadi wa hae.
4. Bao ba tsheletseng a tswallwa bona a le Hebrone; ke hona moo a kileng a busa lemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng; mme Jerusalema, a boela a busa lemo tse mashome a mararo a metso e meraro.
5. Bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema ke bana: ke Shimea, Shobabe, Nathane, le Salomone, ba bane ke ba Bathe-Shua, moradi wa Ammiele;
6. hape, ke Jibhare, Elishama, Elifelethe,
7. Noga, Nefege, Jafia,
8. Elishama, Eliada, le Elifelethe; bao ba robile mono o le mong.