8. Empa lentswe la Jehova le tlile ho nna, la re: O tsholotse madi a mangata, mme o lwanne ntwa tse kgolo; ha o na ho hahela lebitso la ka ntlo, etswe o tsholotse madi a mangata lefatseheng pela ka.
9. Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.
10. Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo; e tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae; mme ke tla tiisa terone ya borena ba hae Iseraeleng ka ho sa feleng.
11. Jwale, mora ka, Jehova a ke a be le wena, hore o tle o atlehe, mme o hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa hao, kamoo a felang a boletse kateng, bakeng sa hao.
12. Feela, Jehova a ke a o nee kelello le kutlwisiso, a etse hore o rene Iseraeleng, o ntse o bolokile molao wa Jehova, Modimo wa hao.