13. Ke hona o tla atleha, ha o iponela hore o etse ka melao le ditaelo tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Iseraele. Iphe matla, o tiye; se tshabe, mme o se ke wa tshoha.
14. O ka bona, bonyenyaneng ba ka, ke lokiseditse ntlo ya Jehova kgauta e ditalenta tse dikete tse lekgolo, le silefera e ditalenta tse dikete tse sekete, le koporo le tshepe tse se nang ho lekanngwa, kahobane di ngata haholo. Ke lokisitse le difate le majwe, mme o tla boela o ekeletse teng.
15. Hape, o na le basebetsi ba bangata, dibetli tsa majwe, dihahi, le dibetli tsa difate, le batho ba bangata ba masene mesebetsing yohle.
16. Haele kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, ha di na palo. Ema, o sebetse, mme Jehova a ke a be le wena.
17. Yaba Davida o laela balaodi bohle ba Iseraele ho thusa Salomone, mora wa hae, a re: