1 Dikronike 2:41-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. Shaume a tswala Jekamia, Jekamia a tswala Elishama.

42. Bara ba Kalebe, moena Jerameele, ke Mesha, letsibolo la hae; ke yena ntata Sife; mora wa hae ke Maresha, ntata Hebrone.

43. Bara ba Hebrone ke Kora, Tappua, Rekeme, le Shema.

44. Shema a tswala Rahame, ntata Jorkeame; Rekeme yena a tswala Shammai.

45. Mora Shammai ke Maone; Maone ke ntata Bethe-Tsure.

46. Efa, serethe sa Kalebe, a tswala Harane, Motsa, le Gasese; Harane a tswala Gasese.

47. Bara ba Jadai ke Regeme, Jothame, Geshane, Pelethe, Efa, le Shaafe.

48. Maaka, serethe sa Kalebe, a tswala Shebere le Tirhana.

49. A tswala le Shaafe ntata Madmanna, Sheva ntata Makbena le Gibea; moradi wa Kalebe e ne e le Aksa.

1 Dikronike 2