9. Eitse ha Thou, morena wa Hamathe, a utlwa hoba Davida o hlotse makgotla wohle a Hadaresere, morena wa Tsoba,
10. a romela mora hae Hadorame ho morena Davida ho ya mo dumedisa le ho mo leboha, kamoo a lwantshitseng Hadaresere kateng, a bileng a mo hlotse; hobane Hadaresere o ne a lwantsha Thou kamehla. Hadorame a tlisa diphahlo tse mefutafuta ya kgauta le ya silefera le ya koporo.
11. Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.
12. Abishai mora Tseruja, a qhala Baedomo Thoteng ya Letswai, e le batho ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.
13. A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.