1. Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.
2. Eitse hobane Davida a qetele ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova;
3. a ntoo abela Baiseraele bohle, banna le basadi, e mong le e mong polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama, le senkgwana sa morara.
4. Yaba o laela Balevi ba bang hore ba phethe tsa tshebeletso pela areka ya Jehova, le ho rapela, le ho boka, le ho rorisa Jehova, Modimo wa Iseraele.