1 Dikronike 15:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Davida a ikgahela matlo motseng wa Davida, mme a lokisetsa areka ya Modimo ditulo, mme a e hlomela tente.

2. Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.

3. Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.

4. Davida a phutha bara ba Aarone le Balevi:

5. ho bara ba Kehathe, ya eba Uriele, hlooho, le banababo, e le batho ba lekgolo le nang le mashome a mabedi;

6. ho bara ba Merari, e le Asaia, hlooho, le banababo, batho ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi;

7. ho bara ba Gershome, e le Joele, hlooho, le banababo, batho ba lekgolo le mashome a mararo;

8. ho bara ba Elitsafane, e le Shemaia, hlooho, le banababo, batho ba makgolo a mabedi;

9. ho bara ba Hebrone, e le Eliele, hlooho, le banababo, batho ba mashome a robileng meno e le mmedi;

10. ho bara ba Usiele, e le Amminadabe, hlooho, le banababo, batho ba lekgolo le nang le leshome le metso e mmedi.

11. Davida a bitsa Tsadoke le Abiathare, baprista, le Balevi Uriele, Asaia, Joele, Shemaia, Eliele, le Amminadabe,

12. a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.

13. Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.

1 Dikronike 15