32. Ha ke lwanne le dibatana Efese ka phehello ya botho, ke ruileng ka hoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.
33. Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.
34. Hlaphohelwang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ya Modimo; ke le bolella hoo, e be dihlong ho lona.
35. Empa e mong o tla re: Bafu ba tsoha jwang? Ba tla hlaha ka mmele o jwang?
36. Sethoto ke wena! Seo o se jalang se ke ke sa phela, ha se sa shwe pele.
37. Mme ha o jala, ha o jale mmele o tlang ho hlaha, empa o jala hlaku e hlobotseng, mohlomong e le ya koro, leha e le ya dijalo tse ding.
38. Mme Modimo ke wona o e neang mmele kamoo o ratang kateng, mme o nea hlaku e nngwe le e nngwe mmele wa yona.
39. Nama tsohle hase nama e le nngwe; empa nama ya batho ke esele, le nama ya diphoofolo ke esele, le ya dihlapi ke esele, le ya dinonyana ke esele.
40. Mme mmele ya lehodimo e teng, le mmele ya lefatshe e teng; empa kganya ya ya lehodimo ke esele, le ya ya lefatshe ke esele.