1 Bakorinthe 15:17-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Mme ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, tumelo ya lona ke lefeela, mme le sa le dibeng tsa lona.

18. Ha ho le jwalo, ekaba le ba ithobaletseng ho Kreste ba timetse.

19. Ha re tshepile Kreste bophelong bona feela, re fetisa batho bohle ka soto.

20. Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.

21. Hobane lefu ha le hlahile ka motho, tsoho ya bafu le yona e hlahile ka motho.

1 Bakorinthe 15