5. Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.
6. Hobane ekare ha mosadi a sa rwale hloohong, a hle a kutwe; mme jwale, haele ntho e dihlong ha mosadi a ka kutwa, kapa a beolwa, a rwale hloohong ke hona.
7. Haele monna, yena ha a tshwanela ho rwala hloohong, hobane ke setshwantsho le kganya ya Modimo; athe mosadi ke kganya ya monna.
8. Hobane monna ha a ka a nkwa mosading, empa ke mosadi ya nkileng monneng.
9. Hape, monna ha a ka a bopelwa mosadi, ke mosadi ya bopetsweng monna.
10. Ka baka leo, mosadi o tshwanetse ho ba le pontsho ya ho buswa, hloohong, ka baka la mangeloi.
11. Leha ho le jwalo, monna ha a yo kantle ho mosadi, le mosadi ha a yo kantle ho monna, Moreneng.
12. Hobane jwalokaha mosadi a nkilwe monneng, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.
13. Le ke le ahlole e le lona hore na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala hloohong?
14. Ha ke re, le tsona dipelo tsa lona di a le ruta hoba monna ha a hodisa moriri wa hae, ke ntho e dihlong ho yena?
15. Athe mosadi ha a hodisa moriri wa hae, ke kganya ho yena; hobane o filwe moriri, e tle e be lesira.
16. Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona.
17. Jwale seo ke se bolelang, ke mpang ke sa le boke, ke hoba ha le phutheha, hase ho eketsa molemo, empa e le bobe.