1 Bakorinthe 10:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Hape, re se ke ra etsa bootswa, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba ineela jona, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.

9. Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.

10. Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.

11. Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.

12. Ka baka leo, ya lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a wa.

13. Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.

14. Ka baka leo, baratuwa ba ka, le ke le tshabe tshebeletso ya ditshwantsho.

15. Ke bua le lona kaha le le batho ba nang le kelello; ikahloleleng seo ke se bolelang.

1 Bakorinthe 10