1 Bakorinthe 1:4-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ha ke hopola mohau wa Modimo, oo le o neilweng ho Jesu Kreste.

5. Hobane le filwe ho yena monono dinthong tsohle, monono wa mantswe wohle le wa tsebo yohle;

6. kamoo bopaki ba Jesu Kreste bo tiisitsweng kateng, ka ho lona.

7. Ke ka hona le sa hlokeng mpho ya mohau leha e le nngwe, lona bao le lebeletseng ponahatso ya Morena wa rona Jesu Kreste;

1 Bakorinthe 1